One O one
🌄 Poetry 🌹
Art❤️
Bochaba🌪️
Makoa Thapelo🫂
🥀59371154♥️
🔥🥹
🌄Tsoelang Ka Ntle Le Bone Naleli Fika Lea Oela
Bang Bare Khabane Ha Li Na Matla Ntoeng🥹,
🔥Motho Moo A Jetseng U Lebelletse Kotulo
Sekhobo Le Likobiso 'Na Ke Li Nka Joalo Ka Mat'siliso Ke Khahluoe 😑
😌Ha Kea Khahloa Fela Ke Buletsoe Pelo.
🌄 Mphatlalatsane E Tsiruoe Ke Mahlaseli Bochabela
Letsatsi Ha Le Chaba Merithi Ea Honyella Lithabeng🫂🥹
Ke Khahluoe Kee Ntle Kharebe 😭
Nka Mo Bitsa Ka Lebitso Ka Baka Litaba😅
Nka Letsa Phala Chaba Tsa Hlonama😑
🥹Lentsoe Eka Mololi Oa Phala 'Maka litaba
Marama A Likoti Ho Khabisa Sefahleho🤤
Mahlo A Boleea A Hlola Ho Pheha Khobe,😭
Botle Ke Ba Siila-Tsatsi Ngoanana Oa Tsomong🥹
🥹Moratuoa Ka Oena Pelo Eaka E Qhatsitse Leboso
Lerotholi La Teng Le Ituletse Sefubeng Saka❤️
Keo File Pelo Eaka Oe Buse😭
Ke U Rata Ka 'Mele Pelo Le Moea😌
U Khutlo Ea Mantsoe, Feeloane Ea Maikutlo 🔥🌄
Hase Joale Ke Roakoa Ka Bofutsana Baka💔
Thope Li Mphetotse Popi Ea Massa
'Me Oa Fihla Oa Mpata Likoli😭🤤
Richard Moholwane Nthuse Ka Maele Le Likeletso😹
Ke Tsielehile hake Tsebe Ketsoa Le Kae
Ke Tholetse Batloung Ngoetsi Kea Shobelisa🤤😑
Khomo Ha Li Kae Batho Re Bangata🫂
Leha Li Le Peli Li Nyala Mosali🥹
.................................................................
AS REQUESTED ❤️🤝
🦅❤️
Click here to claim your Sponsored Listing.
Category
Website
Address
Hlotse
