Beauty Bold Queens

Beauty Bold Queens

Share

We help guide support empower women and youth in different aspects.Uplift our norms culture and beliefs for a better future.

23/04/2019

Khotso Basotho ba heso kea ikokobetsa bahlomphehi baka ke le qetela nakoana hoba tjena hona le moo Morena Molimo a ntsoarisitseng teng ka mosebetsi ho sebeletsa le ho fana ka litsebeletso ho lona lele Sechaba se setle sa Morena Moshoeshoe. Morena Molimo rea leboha re e bone Paseka le molemo oa eona re o fumane re tsireletse ka mehla Morena Molimo. Ke phahamisa phetheho ke phahamisa lerato la nete ke phahamisa khotso ke phahamisa holokile Morena Molimo o matla ohle Ntate. Leholimo le lefatse ke tsa hao Ntate le tsohle tse holima lona Morena Molimo kea ikokobetsa Ntate re tsoarele libe le litsito rele Basotho ore fumanise molemo oa bophelo bo botle le bokamoso bo hlonolofetseng. Amen

17/04/2019

Khotso Basotho ba batle...ka boikokobetso le hlompho re kopa le re ine matsoho metsing ka ha rena le hoba maphathephathe. Khotso ea Morena Molimo ebe le lona bahlomphehi, hare hlokomeleng h**e Morena Molimo ke monga bophelo me oa boele a late batho ba hae lefatseng...ka hona hare tsosoloseng likhoebo tsa Basotho le ho tsetela ho Basotho ere rese oeloe ke leru...ETELA MOKOMA INSURANCE BROOKERS BLOCK B LEVEL 5 ROOM 504 LNDC HEAD QUARTERS MASERU KINGSWAY ROAD MASERU DOWN TOWN. BETTER INSURE YOUR LIFE AND INVEST FOR FUTURE.

21/03/2019

Amen kea ikokobetsa baratuoa ke kopa reke re hopole e mong oa bana ba bo rona ea ileng a re siea e le e mong oa Mafumahali a mokhatlo ona oa BBQ Morena Molimo o phomotse moea oa ausi Refiloe Molefe Mampitla neso kea leboha le moo o teng le bo ausi Mabaruti ketla lula ke le hopola bo ausi baka. Morena Molimo o boloke Lesotho le Basotho mohau ore aparele bohle tumelong ea Morena Molimo o phelang rea leboha Morena Molimo ka lintho tsohle.

15/03/2019

Basotho ba heso khotso bana ba Morena Thesele khotso...Nna ke Motloung ha e hlolo ke moroalo......empa Peele teng kea ka mohau oa Morena Molimo ka mehla ebile retle re shebe CHAIN PRAYER ke ntho e monate e bohloko ha Morena Molimo a ntse are babaletse re tse h**e tsoarelo ea libe le melato li setse Sefapanong kholkhotha ha ho thakhisoa Morena Molimo. Motho e mong le e mong o lokeloa ke khotso nna eaka ea khaphatseha baratuoa ba ntsebang hantle moo ke teng ke khotso ke thabo ka hona kere Morena Molimo nchebe le bahaeso Basotho ka mohau ore etse sechaba se setle.

Photos 07/03/2019

Khotso Baratuoa ke masoabi h**e esale ke nyamela nako e telele marangrang mona BBQ tlasa liqholotso tse ling tsa bophelo empa mohau oa Morena Molimo ke ona o phahamisa moea o motle o hloekisa bophelo ba bohle ba lumela ho Morena Molimo eleng ena monga bophelo. Khotso P**a Nala

15/02/2019

Morena Molimo kea leboha ka mohau oa bophelo mosebetsi polokeho ea batsoali le moholoane le molekane oa hae le tlhonolofalo e kholo ea setloholo katleho. Morena Molimo ke leboha lerato leo o mphileng lona le bophelo boo o nkabetseng bona ka mohau le matla a hao Morena Molimo tsohle li ntle li molemo ke kopa tsireletso ea hai ka mehla eohle Moea o Halalelang obe ka holimo ho tsohle matla a hao Morena Molimo ebe tharollo ea tsohle bophelong baka.AMEN

24/01/2019

Khotso baratuoa baka ke le hlomphile ke le kopela mahlohonolo a selemo se secha. Molimo Ntate Molimo Mora Molimo Moea o Halalelang.

30/10/2017

Rea ikokobetsa Ntate Molimo rea o mema motsotsong ona Ntate rele bana ba hao Ramaseli re ikopela oena ho kena lipelong tsa rona leho phela ka hare ho rona ka linako tsohle. Leleka lefifi o le lelekelle ruri Ntate Molimo maphelong a rona o khantse khotso lerato la nete boikokobetso le bokamoso bo botle bo ntlafetseng ho Mosotho emong le emong Ntate o bontse boholo le matla a hao Morena Molimo. Re boele re lebohe Ntate Molimo I ntse o re file bophelo o ntse o tsepahala o lokeloa ke ho rorisoa linako tsohle Ntate. Re lebohe ha o ntse o re babaletse Batsoali le bana ba bo rona ka hona Morena Molimo rere rea leboha ke hona o hlonolofatse o re ekeletse o re tiise tumelong re ekeletse Morena Molimo linthong tsohle Ntate. Ore thuse re tsepe re bone re utloisise tsela le bophelo. Re tsoarele moo re sitoang teng ore bokelle mahlohonolo a bophelo orefe tse re li labalabelang. Lula le rona ore hloekise letsatsi le letsatsi o refe matla mehopolo ea rona e ntlafale moeeng o re khutsise ore tsoarele lokolle moeeng re sebe le khatello eamaikutlo re lule re thabile re holele tsabong le leratong ka hao Morena Molimo. Rea o boka Ntate o Morena oa Marena o Mopi o Mohlabolli o Mohloli oa tsohle.AMEN

28/10/2017

Khotso ea Morena Molimo ebe le lona bohle mabitsong a mararo la Ntate le la Mora le la Moea o Halalelang Amen.

17/10/2017

Morena Molimo ke Mopi ke Mothusi ke Mohloli ke Moahluli ke Mothehi ke Moloki ea Matla Ohle Mabitsong a matla a mararo
Amen

17/10/2017

Khotso Basotho ke ikokobetsa ka pele ho Morena Molimo ke leboha bophelo ke kopa Morena Molimo abe le nna le bohle ka mehla are hlolele sebe lefifi. Ke leboha Morena Molimo h**e hona ke motsotso o mong oo kele motho ke neng ke create mokhatlo oa Thapelo le ho anetse lithuso ho ba hlokang leba khatellong ea maikutlo ebile ke leboha Morena Molimo h**e I became a victim and solved all my issues with a prayer...bana beso Thapelo ea philisa ea boloka ebile Morena Molimo o buoa le rona bohle ka ho fapana ho bohlokoa ke ho tsoarelana melato ele ka nete ke ho amohelana ka bohloeki le tsohle. Re boele re philisane ka khotso ka lerato ka hlompho rele batho. Morena Molimo a tlise liphunyeletso maphelong a rona are hlolele aebe le lefifi bomalimabe le tsohle tse senyang maphelo a batho le bokhopo li fele rebe sechaba Sa Basotho se Hloekileng se Hlonolofetseng.Amen. Happy Birthday Rakhali ShoaniDichaba Morena Molimo a o boke a o etsetse ka ho loka a boele a o atlehise mererong eohle ea hao e metle a o tebelle bokhopo bolotsana bomalimabe ak ruise lerato khotso le bophelo bo botle. A o qobise mathata a ofe tsihle tse o lokelang a be a o hlolele boima ba mathata ohlea teng lefatseng. MOLIMO NTATE MOLIMO MORA MOLIMO MOEA O HALALELANG AMEN.

Want your business to be the top-listed Beauty Salon in Maseru?
Click here to claim your Sponsored Listing.

Address


HASEOLI P. O. Box 12113
Maseru
100