Bahlabulli Ba Nnete
Re thusana ka tlhabollo molemong wa bophelo bo botle, ele ho theola sekgahla sa mafu a mangata, mohlala ba bang baya ipolaya ke kgatello ya maikutlo.
Ka hona re teng ho leka ho fenya bothata bona!!!
[NO3] Mathata ao batsoali baa bakelang bana mojolong kapo lenyalong la bobeli hoya holimo.
Ka nnete ese eka motho ha sekolo setsoa o kaya lelapeng le leng, ke lumela leya nkutloa batsoadi h**e naa ke reng😭😭😭 bo Mmangoane le bo malome joale base basa bonahale hoo tuu! Hobane ka nnete lerato leo re lefumang ho bona lene le tshwana hantle lela mme wa rona, rene re atisa ho kopa ho chakela hona teng habo mme hoya ba bona.
Ke hona ke bonang today h**e naa why bahabo mme ba rata ngwana wa ngoanabo bona haholo. Lebaka ke h**e otsoa popelong ya eno ngoana wabo bona akere ele h**e bana le bonnete bo felletseng h**e ngoana ke wa bona.
Empa bo rakhadi leba lelapa kaofla bona habana bonnete ba ntse ba belaela h**e esebe ngoana wa bona o tshwarisitsoe masepa a namane😂😂😂🤞 ka mantsoe ana ke hlalositse kahohle h**e ha rele hobo Mmangoane Rene re thobeha lipelo.
Empa mohlang re khutleng hae hape re fumana lehloho le phahame leho feta, sethiba mathe sa ntt wa rona se bolela kamokho re seng retla re fetohile ele h**e retsoa lauwa, eba joale hotla cha mpama leha motho o kopa chelete ya pene😭
Kene ke bona h**e ntt waka haa thabele tseno tsoohle tseo re li etsoang hohang, feela joale ke ipotsa h**e naa matala o setisoa keng ho khalemela molekane wa hae? Empa hona leho mokhalema o ne a lumellana le eena, ke h**e le ena ntt waka kene ke bona h**e o ipitselitse mokhoka khoale💔💔💔
Batsoali ba rona le etsa h**e re hole ka lipelo tse bohloko why?💔💔💔 Hobaneng???
Karolo ya bone e yatla ebile ele ya ho qetela kea leboha
[NO 2]
Mathata ao batsoali baa bakelang bana ba bona mojolong kapo lenyalong la bobeli hoya holimo!
Joalo kaha kene kese ke hlalositse tsela yeo re neng re ikutloa ka teng ha ele moo rese re fumane mme ya mocha, empa ka masoabi a maholo ha hokaba hoaba joalo.
Empa ho ileng hoa etsahala ke hona, mahlakore ka bobeli ane a khathaletsa ho chakela heso mono eleng labo ntt le ba habo mme waka, taba e joalo eile ya eba pale ya maobane kaha bane ba hlalosa h**e tsela yeo ba tshwarehang ka yona ha e bathabise hohang🙅
Ele h**e ese ele rona ba tlang ho chaka ha likolo likoetsoe, kehle ketle tabeng ya sekolo, rene re kena sekolo seo batsoali ba rona ba nang le tumelo ya h**e seya ruta ebile le litifiso tsa sona li phahame ho latela ho tuma haa sona.
Mmangoane o ile a e felisa ka hopanya ha ntshi taba e joalo, maka a hae ya eba h**e sekolo se joalo se turu ebile se hole joalo kaha sene sele ka hara teropo. Ele molemong wa ho khahola litshenyehelo retlo kena sekolo seteng hona pela motse mona sesa lefelloeng.
Mosadi wa ntt wa bobeli a boela a hlalosa h**e le chelete e repatallang ho palama e tlake e etse mabaka a mang joalo kaha ese e sena ho lefuwa ka joale rese retla ikisa sekolong ka maoto😭😭 jooo 💔
Ra qala ra elelloa h**e yeo hase mmarona hohang ehlile mme eena o re siile hahona yaka koalang sekheho sa hae hohang etsoe namane e nyekoa ke mmayona!
Wa tseba ke moo ke ile ka bona h**e free Primary taba ya bohloeki habaya e sheba hakaalo kaha u tla utloa bantse bare haretsoe malapeng a tshwanang, che leha ele h**e ba ntse bana le khothaletso ya h**e re apare seaparo sa sekolo se feletse u tla bona h**e hase ka thata ha kaalo.
Ke mona moo reneng rese rena le hoya sekolong ka seaparo sesa fellang ele hobane sea rekoa, ha reya sekolong Rene re etsetsoa lijo tse ikhethileng tsa rona, leho fuparisoa bohashana bo itseng empa tseo tsoohle tsa fela.
Ha sekolo setsoa eka motho u kaya lelapeng le leng ele hobane joale mofuthu wa lelapa leso o felile tuu!!!..........
Morning our beloved followers 💖
Joalo kaha karolo ya bobeli ya pale ya rona ene e reretsoe ho ngoloa shoalaneng ya maobane, mohlomong ke ka lebaka la lipula tse ngata re ile ra kopana le mathatha a marang-rang! Empa rese re ikopela tshwarelo ka tshetiso e joalo.
Shout out to my newest followers! Excited to have you onboard! Lebohang Mokhaloli, Masekhoane Sheea, Locious Macheli, Mankoneatsana Theko, Mathapelo Mokosholo, Tefo Lekaota, Nana Machake Wa Mosia, Matseleng Dhlamini, Selloane Margret Mosothoane, Sbele Mpatsi, Liatile Ngatane, Lipuo Nyakane, P**eng Maphenchane, Keneuoe Anacletta, Mah Seh Kilah, Makananelo Sekonyela, Tsheole Ana, Moseke Lefielo, Limphoza Nkone, Lineo Kobeli Lineo Kobeli, Molly Nchere, Khali Teele Zakaria, Moh Eh Tsuh Oah, Khalata Khally
Mathata ao batsoadi baa bakelang bana mojolong kapo lenyalong la bona la bobeli hoya holimo!!!
Masisa pelo 💔😭 hang hoba mme waka a hlokahale ebe ntt waka o nyala mosadi wa bobeli kaha o ile a nka nako ka mora h**e mme a re siye hakea ka ka bona ele phoso ho eena h**e ebe joalo ka motho o ile a ikhethela motho a motlisa ka tlung hotla phela le rona.
Heso lapeng re bana ba bashemane ba babeli le likhaitsedi tsaka tse peli ka kotloloho re bane re ne re iphelela ka khotso le ntt wa rona leha eena a ne a nka nako yee telele ale mosebetsing joalo kaha a ne a sebetsa merafong e Africa Borwa. Empa lerato leo a neng a refa lona le tlhokomelo line li etsa h**e re ikutloe eka leha a le siyo eka o teng ka mehla.
Mathata aile a qala mohlang oo a fihlang le mme yeo a ileng a re tsebisa eena a re joetsa h**e ke Mmangoane wa rona rese retla phela le eena lapeng moo re monke ele mme wa rona, ka nnete ra itumela haholo.
Khotso ya rona ene e kolla haholo moo ntt a re joetsang h**e re tsebe h**e ke mme wa rona, joalo kaha rene re ntse rena le sekheho sa ho hlorela le hona ho hloka motsoali wa mme ka nnete reile ra tlala ka thabo ebileng ena le tshepo.
Re lumela le hona ho utloisisa h**e tsoohle tseo mme wa rona a neng a re etsetsa tsona ele h**e le rona ha re hlaha baneng ba bang re sebe bana ba hobosehang, litlo khutla hape li etsahale, le lona kea lumela h**e lea nkutloa h**e naa rene re ikutloa joang.
Empa se ileng sa etsahala ke sena😭😭......
Karolo ya bobeli e yatla, ke kopa le latele leqhephe Lena leho lerata. Kaha lona maikemisetso ele hoo hlabolla u tsebe h**e leha hokaba thata joang le joang uu tlile ka nepo u sekebe wa ikoahlaha hohang.
Kea lelumelisa kea phela hampe ke phela mahlomoleng, tlasa khoedi le letsatsi. Empa ka mohau le lerato laea kaletseng maru ke mona re ntse re phela🙏🙏🙏
Hoseng hona hoa letsatsi ke buwa le wena ngoaneso🤝 wena ya llang bosiu le motshehare u sa thole mosebetsi. Empa u na le thoto ye shebileng wena ka mantsoe a mang h**e hotle hobe le se beuwang tafoleng ke ka wena. Thola tlohella ho lla😭😭😭
Leha hole thata hakaalo lena le ho robala le inoelletse metsi fla tseba moratuwa h**e u teng lefatsheng mona ka morero, ka hona Ramaseli akase u tlohelle feela. U na le plan ka hona ke ka hoo a entseng h**e u be teng.
Kea tseba h**e naa ho bohloko joang ho bona banna ba bang le basadi ba tsoa baya mosebetsing empa wena u sala, eya ho bohloko empa tseba h**e ntho engoe le engoe ena le nako!
Buwa bophelo ka leleme la hau, leleme ke magnet seo u se buwang ke sona setlang hoo u etsahalla. Tlatsa pelo ya hau khotso u phele ka mafolo-folo fahleho senang le khotso setla u atametsa pela batho mohlomong baka u thusang ho fihlela toro tsa hau.
Phelela wena empa u seke wa ikhantshetsa batho empa eba le tshepo ho wena u tlohelle ho fefoloa ke litsokotsane tse senang matla, ha u le ya hlokang u ka fetoha setshehisa leho mehaeno le batho ba pela hau, ka hona u se itlohelle feela yaba u thabisa pelo tsa bona ka bophelo ba hau akere......
Shout out to my newest followers! Excited to have you onboard! Nkhahle Selepe, Jeannet Rankadi, Khahliso Mashale, Violet Makofo Mpeke, Tsoloane Mosese, Tlholohelo Moiloa, Mmatankiso Habaka, Mats'eliso Mahase, Ntswaki Nathe, Malefu Motake, Maphomane Mots Elise, Mábo Thäda Ràmohody, Masello Khamane, Mapalesa Juliah Phalatsi, Kabelo Kaybee Ntai, Ntsele Lempe, Mamorolong Ntsapane, Bernadett Makoko, Malebeoana Mots'ehi Malebeoana Mots'ehi, Maasetone Sephofane, Exínîã Rànchêê, Paulina Koeshe, Thembiswa Maitumeleng Moabi, Naleli Malete, Maneo Moteete, Seboba Nozy, Khotso Lebona, Matsholo Josephine Phororo, P**e Phoofolo, Kelly K Lelahla, Zinhle S Letsapo, Malineo Serabele, Mpolokeng J Mohapi, Mamosia Mpeke, Mary Mokgwele, Nthaby Monamane, Mpëø Mölēllë, Mã Mĕlløw Sêkøãî, Elizabeth Majoro, Kefuwe Rantaitsane, Mmalebo Ntili, Jecenta Thejane, Thapelo Mokete, Majesi Majesi, Moratuwa Lethuwa, Tswany Mokotjo, Mantsane Mantsane, Maboity Kgaile, Maskatle Wa Ntt Stebo, Nthabiseng Magdalena Moiketsi
Ke 11 March ha re ketekeng ha monate balateli ba rona🙏
Big shout out to my newest top fans! Matoka Lenyatsa, Amedia Majone Ntaolana Ratalane, Matela Sejake, Mamotete Ntsoele, Mamotlatsi Ntsiki, Thembi Khosi, Reginah Tlali Ngakane
Litla morao tsa ho jola le mosali wa motho2
Ka nnete yaba ka mora h**e nyatsi yaka e ferekanele monna yeo banto itulela fatshe ba inoella joala, ka sala ke ntse ke panya-panya hose seo nka se etsang.
Ka etsa qeto ya h**e kea tsamaya ke khutlela moo ke lulang, wa tseba haakaba a nnatsa ka letho ha ke furalla ketsoa ka keiti... Ke tsamaile joalo ke sena matla joalo ka motho ya batilpeng ka lebetlela hloohong.
Ke kopa ho le joetsa h**e joalo kaha nna kesa tsebe ho fana ka half ha ke fana ka lerato ke ile ka utloa bohloko hona hoo, jooo!!! Ha u tshaba u tshabe ho jola le mosadi wa monna emong.
Ebile otla u suwa h**e u utloe hantle ha ebile u sena mosadi, hobane mohlomong ha mosadi ane a le teng a kabe aba le poulelo nyana e itseng. Ka fihla ntlong yaba joale maikutlo aka a ya farasa ke nahana hona le hoane.
Ke hana ho utloa ho buwa batho ka ntle ke nahane h**e ke eena, lea tseba mosadi wa monna emong a batla a nhlabisa hlohlolingoane😭😭😭 tsatsi la likela hoaba ha hlaha le lecha! Ke lula ke sheba phone h**e mohlomong aka hlahella teng.
Ka nako yane nna nou hahona hoo ke iphilisang ka hona hobane joale ke jele chelete ya stock saka sa sterateng moo keneng ke ntse ke loantshwa bophelo teng ke eja le lona lerutlha lena jooo!
Melaetsa yaka Facebook le WhatsApp o ne ase asa e arabe a bala fla haa qeta a khaohana, ka intsha sehlabelo kaya feta pela moo a lulang teng ka bona ho koetsoe kacho h**e o robalelitse koana monneng yane, pelo tlepe💘💘 💔 ka botsa setloholo sa hae kare " ngwana'ka Nkhono wa hau o phehileng" ? Eena a mpolella h**e hayo jooooo💘🙆🙆
Ka khutlela ntlong pelo ena eka ke yona fla ha kesana hohong ntle le yona ke utloa e nkimetse, ka fihla ka itahlela holima bethe yaba ke ke emella ho teteka sefuba ka lifeise h**e ke boele ke phefumolohe ka tsela e nepahetseng ke tlohelle ho bupetsana.......
Ho jola le mosali wa motho hase bohlale hohang 🙅 karolo ya boraro e yatla ehlile ho ntse hotloba boima ke lejoetse.
Alerts
Be the first to know and let us send you an email when Bahlabulli Ba Nnete posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.
Subscribe
We will notify you when anything happens in Springbok.